BIRO YA MATSHWAO A NAHA
Biro ya Matswao a Naha e ikarabella ngodisong ya matshwao a emetseng naha a jwalo ka matshwao a puso, dibetjhe le ditshupo tse ding tse kang difolakga, disili, dikgau le mabitso ha mmoho le diyunifomo tsa mekgatlo le di-institjhushenene. Mesebetsi ya Biro ya Matshwao a Naha jwalo ka ha e hlalositswe karolong ya 32 ya Molao wa Matshwao a Naha wa 1962 Molao wa Nomoro ya 18 wa 1962, ke ho
Amohela le ho hlahloba dikopo tsa, kganelo ya ngodiso kapa ho hlakolwa ha yona, matshwao a naha, mabitso, a ikgethang kapa diyunifomo;
Boloka ngodiso ya ditokomane tse tekilweng ho latela Molao;
Fana ka ditefikeiti tsa ngodiso ya matshwao a naha, mabitso a ikgethang le yunifomo;
Fana ka keletso, ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng mabapi le matshwao a naha, mabitso, mabitso a ikgethang le diyunifomo, le ho fana ka thuso ya moralo ya matshwao a puso le diyunifomo;
Ntshetsa pele mesebetsi e kang mesebetsi eo ba ka e abelwang ke Letona, lekgotla la Matshwao a naha kapa komiti ya matshwao a naha ho ya ka molao.
Ntle le mosebetsi ona oo ehlileng eleng wa matshwao a naha, Biro ka Lenaneo la yona la Phihlello e boetse e na le boikarabelo ba ho tsebahatsa Matshwao a Naha, ho etsa hore matshwao a Naha e be a Se-Afrika ho ya ka diphuputso, le ho sireletsa Matshwao a Naha jwalo ka theepa eo eleng leruo la tsebo ya Mmuso. Katleho tse fihlelwang ke Biro ya Matshwao a Naha di totobaditswe ke katleho ya ntshetsopeleng e atlehileng le kabo ya matshwao a matjha a Naha, Folakga e ntjha ya Naha; Matshwao a Puso le Pina ya Setjhaba e Kopantsweng.
PHIHLELO LE TSHEBEDISO
Sepheo sa paballo ya diakhaeve ke ho tiisa hore setjhaba se kgona ho fihlella direkoto tse nang le nako e fetang dilemo tse mashome a mabedi. Diakhaeve tsa Naha le Tshebeletso ya Direkoto di buletswe setjhaba ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano ho tloha ka 8:00 ho isa ka 16:00, ekasita le ka Moqebelo wa boraro wa kgwedi e nngwe le e nngwe ho tloha ka 09:00 ho isa ka 13:00.
Dintlha tsa moo o ka ikopanyang le bona teng: Ha o hloka ho botsisisa ho feta ikopanye le Diakhaeve tsa Naha:
DIAKHAEVE TSA NAHA LE TSHEBELETSO YA DIREKOTO TSA AFRIKA BORWA
MOTHEO
Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa di thehilwe ho latela kgweletso ya Molao wa Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa (Molao wa Nomoro ya 43 wa 1996) ho ya ka moo o ileng wa fetolwa ka teng. Karolwana ena ya molao e ile ya fetola Tshebeletso ya Diakhaeve tsa Mmuso wa Kgale hore e be Diakhaeve tsa Naha tseo boikemisetso ba tsona; mesebetsi le sebopeho sa tsona e leng se bontshang tsamaiso ya dipolotiki tsa nako ya ka morao ho kgethollo.
MESEBETSI YA DIAKHAEVE TSA NAHA
Diakhaeve tsa Naha di ikarabella phumanong, paballong le ntshetsopeleng ya tshebediso ya direkoto tsa setjhaba le tseo eseng tsa setjhaba tse nang le boelng bo tshwarellang; tlhokomelo ya hore ho na mokgwa wa ho fumana lesedi o sebedisang metjhini e itshebetsang ya lesedi la diakhaeve tsa naha, ho tsepamisa maemo a tshehetso ditshebeletso tsa diakhaeve tsa provense. Diakhaeve di bopa karolo ya bohlokwa ya lefa la naha mme ke mokgwa wa phahamisa boitsebo ba setjhaba, kaho ya setjhaba le matlafatso.
Diakhaeve ebile ke motjha o moholo oo mebuso e ka etswang hore e bontshe boikarabelo bathong. Ka mekgwa e ntlafetseng ya hore setjhaba se kgone ho fihlella diakhaeve, diketso tsa mmuso di hlahela powaneng. Ha mmoho le moo, diakhaeve di fupere bopaki ba ditokomane bo hlokehang ho tshireletsa moahi e mong le e mong le dihlopha.
Karolo e kgolo ya Diakhaeve tsa Naha ha e bontshe boitsebelo ba bongata ba baahi ba Afrika Borwa.
mohlala ke baahi bao ba Afrika Borwa bao esale ba behilwe ka mosing ke kgethollo, ba kang basadi jwalo jwalo. Diakhaeve tsa Naha di kene letsholong la mananeo a mangata a neano ya taba hore ho tle ho ngolwe le ho boloka boitsebelo ba batho feela ba tlwaelehileng mme ka ho etsa jwalo e tla be e le ho theha mokgwa wa ho bopa sisiu sa dikgopolo tse kopanetsweng sa dietsahetseng tsa baahi ba fapafapaneng ba Afrika Borwa.
Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo (NFVSA) ke bolaodi bo bonyenyane ba Diakhaeve tsa Naha. Taelo ya NFVSA ke ho bokella, ho boloka le ho ntshetsa pele theepa ya modumo le e utluwang e hlahisitsweng Afrika Borwa le e buwang ka Afrika Borwa. Molao wa Thesemetso ya Molao (Nomoro ya 54 ya 1997) o kgetholla NFVSA jwalo ka sebaka sa ho thesemetsa theepa ya modumo le e utluwang e hlahisitsweng Afrika Borwa.
Diakhaeve tsa Naha di hlokomela direjistara tsa naha tsa direkoto tseo eseng tsa setjhaba tse nang le boleng ba diakhaeve. Ho feta mona e ntshetsa pele tshebedisano dipakeng tsa di-institjhushenene tse amehang pokeletsong le polokong ya direkoto tseo eseng tsa setjhaba.
Diakhaeve tsa Naha ka Lenaneo la Phihlello le rerile ho fihlella batho ba sa tsebeng letho ka boteng ba diakhaeve le mesebetsi ya tsona. Maikutlo a lenaneo lena ke ho eketsa tshebediso ya diakhaeve ka ?ho isa diakhaeve bathong? ka maeto a lebang di-institjhusheneneng tsa thuto le bathong ba Afrika Borwa le ka dipepeso, matsatsi a bulehileng le tshebeletso e ntle ya ho finyeletsa dintho bathong.
Diakhaeve tsa Naha di theha le ho hlokomela mokgwa wa lesedi le sebetsang hantle ka lesedi le tla thusa hore lesedi le kgonwe ho fihlelwabakeng sa ho ka kgotsofatsa ditlhoko tsa lesedi tse fapafapaneng molemong wa tshehetso ya ntshetsopele e phethahetseng ya batho.
Mokgwa wa naha wa lesedi la lesedi Afrika Borwa o na le mefuta e fapaneng ya dilaeborari le mekgatlo e meng ya lesedi. Diakhaeve tsa Naha di boetse di amana le Lekgotla la Naha la Laeborari le Ditshebeletso tsa Lesedi (NCLIS), Laeborari ya Naha ya Afrika Borwa (NLSA), Laeborari ya Afrika Borwa ya Difofu (BLINDLIB), dilaeborari tse sebetsang jwalo ka dibaka tsa thesemetso ya molao le Mokgatlo wa Basebetsi ba Difofu ba Afrika Borwa (SABWO). Setsha sa Buka ke yuniti e sebetsang ka ho ikgetha kahare ho NLSA e kgothaletsang tsebo ya ho bala le ho ngola ha mmoho le tlwaelo ya ho bala.
Melao e laolang mesebetsi ena ya Diakhaeve tsa Naha ke wa Lekgotla la Naha la Dilaeborari le Molao wa Lekgotla la Ditshbeletso tsa Lesedi wa 2001; Molao wa Laeborari ya Naha wa Afrika Borwa wa 1998; Molao wa Laeborari ya Difufo wa Afrika Borwa wa 1998; le Molao wa Thesemetso ya Molao wa 1997.
Molao wa Thesemetso ya Molao o netefatsa hore khopi e le nngwe ya tokomane e nngwe le e nngwe e phatlaladitsweng Afrika Borwa e romelwa mahala dibakeng tsa thesemetso hohle naheng ena. Ka Molao ona, lefa le fuperweng ke ditokomane le dula le bolokehile le ho fumaneha setjhabeng.
